2 Samuele 13:6-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Yaba Amnone o robala, a iketsa ya kulang. Morena ha a tla mmona, Amnone a re ho morena: Ho ke ho tle Tamare, kgaitsedi ya ka, a ke a nketsetse maqebekwane a mabedi pela mahlo a ka, ke tle ke a je diatleng tsa hae.

7. Yaba Davida o romela ho Tamare hae, ka ho re: Eya ha Amnone, kgaitsedi ya hao, o mo phehele dijo.

8. Kahoo, Tamare a ya ha Amnone, kgaitsedi ya hae, a mo fihlela a robetse; a nka hlama, a e duba, a mo etsetsa maqebekwane pela mahlo a hae, a a pheha.

9. A ba a nka pane, a a tshola pela hae, Amnone a mpa a hana ho ja. Amnone a re: E mong le e mong a ke a tswe mona ho nna. Ba tswa kaofela pela hae.

10. Jwale Amnone a re ho Tamare: Tlisa dijo phaposing e kahare, ke tle ke di je diatleng tsa hao. Yaba Tamare o nka maqebekwane ao a a phehileng, a a tlisetsa Amnone, kgaitsedi ya hae, phaposing e kahare.

11. A re a sa a beile pela hae hore a a je, Amnone a mo tshwara, a re ho yena: Tloo, kgaitsedi ya ka, o robale le nna.

12. Eo a re: Tjhe, kgaisedi ya ka, o se ke wa nketsa ka matla, hobane hoo hase ho ka etswang Iseraeleng; o se ke wa etsa manyala ao.

13. Ke tla isa dihlong tsa ka kae? Le wena, o ka ba ntho e kang le leng la mahlanya a Iseraeleng. Bua le morena, a ke ke a o hanela le nna.

2 Samuele 13