8. Ka ba ka o nea le ntlo ya morena wa hao, le basadi ba monga hao sefubeng sa hao, ka o nea le ntlo ya Iseraele le Juda; le hojane wa re, hona ho honyenyane, nka be ke o ekeleditse ka hore le ka hore.
9. O nyediseditseng lentswe la Jehova, ha o entse manyala a kalo pela mahlo a hae? O bolaile Uria Mohethe ka lerumo, o bile o inketse mosadi wa hae, hore e be mosadi wa hao; Uria yena, o mmolaile ka lerumo la bana ba Ammone.
10. Jwale, lerumo ha le sa tla tloha tlung ya hao le ka mohla o le mong, ka baka la hobane o nnyedisitse, ha o nkile mosadi wa Uria Mohethe, hore e be mosadi wa hao.
11. Ka baka lena, Jehova o re: Bona, ke tla o tsosetsa bobe tlung ya hao, ke nke basadi ba hao pontsheng ho wena, ke ba nee wa heno, a tle a robale le basadi ba hao pontsheng ya letsatsi lena.
12. Wena, o entse ka sephiring, nna ke tla etsa taba eo pontsheng ho Baiseraele bohle, le pontsheng ya letsatsi.
13. Yaba Davida o re ho Nathane: Ke sitetswe Jehova. Nathane a re ho Davida: Le yena Jehova o se a fetisitse sebe sa hao, o ke ke wa shwa.
14. Leha ho le jwalo, ka baka la hobane o nyefodisitse dira tsa Jehova ka taba eo, ngwana ya tswaletsweng wena o tla shwa ruri.
15. Yaba Nathane o boela hae.Jehova a otla ngwana ya tswaletsweng Davida ke mosadi wa Uria, a kula haholo.
16. Davida a rapella ngwana ho Modimo; Davida a itima le dijo; mme ha a kene tlung ya hae, a sekama fatshe le bosiu bohle.
17. Baholo ba ntlo ya hae ba mo phehella hore ba mo tsose fatshe, a mpa a hana, a hana le ho ja dijo le bona.
18. Eitse ka letsatsi la bosupa, ngwana a shwa. Bahlanka ba Davida ba tshaba ho mo tsebisa hore ngwana o timetse, hobane ba ne ba re: Bonang, ha esitile ngwana a sa phela, ra bua le yena, a mpa a se ke a re utlwa, o ya etsang ha re mmehela hobane ngwana o timetse?