22. A re: Ngwana ha a ne a sa phela, ke ile ka itima dijo, ka ba ka lla, ka re: Ho tseba mang? Ekaba Jehova o tla nkgauhela ka ho pholosa ngwana!
23. Jwale, ha a shwele, ke sa itimelang dijo? Kapa le re, nka mo tsosa na? Ke nna ke tla ya ho yena, yena ha a sa tla boela ho nna.
24. Davida a ntoo tshedisa Bathe-Sheba, mosadi wa hae, a ya ho yena, a robala le yena; a boela a tswala moshemane, mme Davida a mo rea lebitso la Salomone. A ratwa ke Jehova,
25. mme Jehova a romela ka moporofeta Nathane ho mo rea lebitso la Jedidia (moratuwa wa Jehova), ka baka la Jehova.
26. Haele Joabe, a nna a lwantsha Rabba, motse wa bana ba Ammone; a ba a kena motse wa moreneng.
27. Yaba Joabe o romela manqosa ho Davida, a re: Ke lwantshitse Rabba, ke bile ke kene motse wa metsi.
28. Jwale, o phuthe batho ba sa setseng hae, o tle o emise pela motse, o o kene, esere mohlomong, ha motse o kenwa ke nna, lebitso la ka la roriswa ke hona.
29. Ha ho le jwalo, Davida a phutha setjhaba sohle, a tla Rabba, a o lwantsha, a o kena.
30. A rola morena wa teng moqhaka wa hae, oo boima ba wona e leng talenta e le nngwe ya kgauta, o bile o kgabisitswe ka mahakwe a bohlokwa; wa rweswa Davida. Hape, a ya le kgapo e kgolo haholo ya motse.
31. A ntsha le batho ba teng, a laela hore ba bolawe ka disaga le diege tsa tshepe le dilepe tsa tshepe, a ba fetisa le diboping, a etsa jwalo le ka metse yohle ya bana ba Ammone. Davida le setjhaba sohle ba ntoo boela Jerusalema.