11. Ka baka lena, Jehova o re: Bona, ke tla o tsosetsa bobe tlung ya hao, ke nke basadi ba hao pontsheng ho wena, ke ba nee wa heno, a tle a robale le basadi ba hao pontsheng ya letsatsi lena.
12. Wena, o entse ka sephiring, nna ke tla etsa taba eo pontsheng ho Baiseraele bohle, le pontsheng ya letsatsi.
13. Yaba Davida o re ho Nathane: Ke sitetswe Jehova. Nathane a re ho Davida: Le yena Jehova o se a fetisitse sebe sa hao, o ke ke wa shwa.
14. Leha ho le jwalo, ka baka la hobane o nyefodisitse dira tsa Jehova ka taba eo, ngwana ya tswaletsweng wena o tla shwa ruri.
15. Yaba Nathane o boela hae.Jehova a otla ngwana ya tswaletsweng Davida ke mosadi wa Uria, a kula haholo.
16. Davida a rapella ngwana ho Modimo; Davida a itima le dijo; mme ha a kene tlung ya hae, a sekama fatshe le bosiu bohle.
17. Baholo ba ntlo ya hae ba mo phehella hore ba mo tsose fatshe, a mpa a hana, a hana le ho ja dijo le bona.
18. Eitse ka letsatsi la bosupa, ngwana a shwa. Bahlanka ba Davida ba tshaba ho mo tsebisa hore ngwana o timetse, hobane ba ne ba re: Bonang, ha esitile ngwana a sa phela, ra bua le yena, a mpa a se ke a re utlwa, o ya etsang ha re mmehela hobane ngwana o timetse?
19. Davida a mpa a bona hobane bahlanka ba hae ba nyenyeletsana; yaba Davida o lemoha hobane ngwana o timetse, Davida a re ho bahlanka ba hae: Ha ke re, ngwana o shwele na? Ba re: O shwele.
20. Yaba Davida o tsoha fatshe, a itlhatswa, a tlola, a apara diaparo disele; a kena tlung ya Jehova, a kgumama teng, a ba a boela hae, a qela dijo, mme ba mo tlisetsa, a ja.
21. Jwale bahlanka ba hae ba re ho yena: Taba ena o e etsang e isa kae na? Eitse ngwana ha a sa phela, wa itima dijo, wa lla; athe jwale ngwana ha a timetse, o tsohile, o bile o a ja?