1. Yaba Jehova o romela Nathane ho Davida, a tla ho yena, a re ho yena: Ho ne ho le banna ba babedi motseng o le mong, e mong e le morui, e mong e le mofutsana.
2. Morui o ne a na le dinku le dikgomo tse ngatangata.
3. Mofutsana o ne a se na letho haese konyana e le nngwe e nyenyane e tshehadi, eo a e rekileng, a e fepile, e hotse ha hae hammoho le bana ba hae, e ntse e eja dijo tsa hae, e enwa mohopeng wa hae, e robala sefubeng sa hae, ho yena eka ke moradi.
4. Ha mpa ha fihla moeti ha morui; yena a ba leqe ho nka dinkung tsa hae le dikgomong tsa hae ntho e lokisetswang moeti ya fihletseng ha hae, a ya nka konyana ya mofutsana, a e lokisetsa motho ya fihlileng ha hae.
5. Yaba Davida o halefela motho eo haholo, a re ho Nathane: Ka Jehova ya utlwang, motho ya entseng hoo o lokelwa ke lefu.
6. Haele konyana, a ke a e lefe ka tse nne, hobane o entse taba ena le ho hloka mohau.
7. Nathane a re ho Davida: Motho eo ke wena! Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Nkile ka o tlotsa hore o be morena wa Iseraele, ke bile ke o namoletse matsohong a Saule.
8. Ka ba ka o nea le ntlo ya morena wa hao, le basadi ba monga hao sefubeng sa hao, ka o nea le ntlo ya Iseraele le Juda; le hojane wa re, hona ho honyenyane, nka be ke o ekeleditse ka hore le ka hore.
9. O nyediseditseng lentswe la Jehova, ha o entse manyala a kalo pela mahlo a hae? O bolaile Uria Mohethe ka lerumo, o bile o inketse mosadi wa hae, hore e be mosadi wa hao; Uria yena, o mmolaile ka lerumo la bana ba Ammone.
10. Jwale, lerumo ha le sa tla tloha tlung ya hao le ka mohla o le mong, ka baka la hobane o nnyedisitse, ha o nkile mosadi wa Uria Mohethe, hore e be mosadi wa hao.
11. Ka baka lena, Jehova o re: Bona, ke tla o tsosetsa bobe tlung ya hao, ke nke basadi ba hao pontsheng ho wena, ke ba nee wa heno, a tle a robale le basadi ba hao pontsheng ya letsatsi lena.
12. Wena, o entse ka sephiring, nna ke tla etsa taba eo pontsheng ho Baiseraele bohle, le pontsheng ya letsatsi.
13. Yaba Davida o re ho Nathane: Ke sitetswe Jehova. Nathane a re ho Davida: Le yena Jehova o se a fetisitse sebe sa hao, o ke ke wa shwa.
14. Leha ho le jwalo, ka baka la hobane o nyefodisitse dira tsa Jehova ka taba eo, ngwana ya tswaletsweng wena o tla shwa ruri.
15. Yaba Nathane o boela hae.Jehova a otla ngwana ya tswaletsweng Davida ke mosadi wa Uria, a kula haholo.
16. Davida a rapella ngwana ho Modimo; Davida a itima le dijo; mme ha a kene tlung ya hae, a sekama fatshe le bosiu bohle.
17. Baholo ba ntlo ya hae ba mo phehella hore ba mo tsose fatshe, a mpa a hana, a hana le ho ja dijo le bona.