2 Samuele 11:2-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.

3. Yaba Davida o romela ho botsa tsa mosadi eo. Ha thwe: Na hase Bathe-Sheba, moradi wa Eliame, mosadi wa Uria, Mohethe na?

4. Yaba Davida o romela manqosa ho mo lata; mosadi ha a fihla ho yena, Davida a robala le yena; hobane a itlhatswe ditshila tsa hae, a ipoella ha hae.

5. Mosadi eo a dula; mme a romela ho tsebisa Davida, a re: Ke moimana.

6. Yaba Davida o romela ho Joabe, a re: Nthomele Uria, Mohethe. Joabe a romela Uria ho Davida.

7. Uria ha a fihla, Davida a mmotsa tsa Joabe le setjhaba, le tsa ntwa.

8. Davida a ba a re ho Uria: Ikele hae, o itlhatswe maoto. Uria a tswa tlung ya morena, mme mpho ya morena ya mo sala morao.

9. Empa Uria a robala monyako wa ntlo ya morena, hammoho le bahlanka bohle ba monga hae, a se ke a kena tlung ya hae.

10. Davida a tsebiswa, ha thwe: Uria ha a ka a kena tlung ya hae. Ebile Davida o re ho Uria: Ha ke re, o tswa eta na? Ho ya kang, ha o sa ka wa kena tlung ya hao na?

11. Uria a re ho Davida: Areka le Baiseraele, le Bajuda, ba dutse metlotlwaneng; le monga ka Joabe, le bahlanka ba morena ka ba emisitse hara naha; ha ho le jwalo, nka kena jwang tlung ya ka, le ho ja, le ho nwa, le ho robala le mosadi wa ka? Ka ho phela ha hao, le ka moya wa hao o phelang, nke ke ka etsa jwalo.

12. Davida a re ho Uria: Dula kwano le kajeno; hosasane, ke tla o fa tsela. Kahoo, Uria a dula Jerusalema letsatsi lena, le la hosasane.

13. Davida a boela a mmitsa, mme Uria a ja, a nwa pela hae, a tahiswa ke yena; a tswa mantsiboya ho ya robala phateng tsa hae hara bahlanka ba monga hae, a se ke a kena tlung ya hae.

14. Hosasa, Davida a ngolla Joabe lengolo, a le romela ka Uria.

15. A ngola lengolo la ho re: O ke o laolele Uria ka pele moo ntwa e lohlaneng; le suthe pela hae, a tle a bolawe, a shwe.

2 Samuele 11