2 Samuele 11:15-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. A ngola lengolo la ho re: O ke o laolele Uria ka pele moo ntwa e lohlaneng; le suthe pela hae, a tle a bolawe, a shwe.

16. Kahoo, Joabe a qamaka motse, mme a bea Uria nakeng leo a tsebang hobane banna ba matla ba tla lwanela teng.

17. Banna ba motse ha ba etswa, ba lwana le Joabe, mme bahlanka ba bang ba Davida ba wa, le yena Uria Mohethe a shwa.

18. Yaba Joabe o romela ho tsebisa Davida taba tsohle tsa ntwa.

19. A laela lenqosa, a re: Ha o qetile ho bolella morena taba tsohle tsa ntwa,

20. ha morena a ka tshoha a halefa, a re ho wena: Na le ne le sa tsebe hobane ba tla fula ba le ka lerakong na?

21. Ke mang ya bolaileng Abimeleke, mora Jerubbeshethe? na hase mosadi ya kileng a akgela lejwe la lelwala, a le ka lerakong, Abimeleke a ba a shwela Thebetse na? ho ya kang, ha le atametse lerako hakalo na? Etlaba moo o reng: Le mohlanka wa hao Uria Mohethe o shwele.

22. Lenqosa la ya ka tseo, la fihla, la tsebisa Davida tsohle tseo Joabe a le romileng ka tsona.

23. Lenqosa la re ho Davida: Banna ba Rabba ba fela ba re imetse, ba tla ho rona, re le naheng, ra mpa ra ba busa, ho ya fihla kgorong.

24. Bafudi ba mpa ba fula bahlanka ba hao, ba le ka lerakong, mme bahlanka ba bang ba morena ba shwele, le yena Uria Mohethe, mohlanka wa hao, o timetse.

25. Davida a re ho lenqosa: E re ho Joabe: O se ke wa tshoha ke taba ena; sabole e ye e je e mong mona, e boele e je e mong kahosele; ako tiisetse ho lwantsha motse, o o heletse. O ke o mo kgothatse ka tseo.

26. Mosadi wa Uria, ha a utlwa hobane monna wa hae Uria o shwele, a rwalla monna wa hae thapo.

27. Hobane a role thapo, Davida a romela ho mo nkela ha hae, ya eba mosadi wa hae, a ba a mo tswalla moshemane. Empa taba ena, e entsweng ke Davida, ya eba mpe mahlong a Jehova.

2 Samuele 11