13. Davida a boela a mmitsa, mme Uria a ja, a nwa pela hae, a tahiswa ke yena; a tswa mantsiboya ho ya robala phateng tsa hae hara bahlanka ba monga hae, a se ke a kena tlung ya hae.
14. Hosasa, Davida a ngolla Joabe lengolo, a le romela ka Uria.
15. A ngola lengolo la ho re: O ke o laolele Uria ka pele moo ntwa e lohlaneng; le suthe pela hae, a tle a bolawe, a shwe.
16. Kahoo, Joabe a qamaka motse, mme a bea Uria nakeng leo a tsebang hobane banna ba matla ba tla lwanela teng.
17. Banna ba motse ha ba etswa, ba lwana le Joabe, mme bahlanka ba bang ba Davida ba wa, le yena Uria Mohethe a shwa.
18. Yaba Joabe o romela ho tsebisa Davida taba tsohle tsa ntwa.
19. A laela lenqosa, a re: Ha o qetile ho bolella morena taba tsohle tsa ntwa,
20. ha morena a ka tshoha a halefa, a re ho wena: Na le ne le sa tsebe hobane ba tla fula ba le ka lerakong na?
21. Ke mang ya bolaileng Abimeleke, mora Jerubbeshethe? na hase mosadi ya kileng a akgela lejwe la lelwala, a le ka lerakong, Abimeleke a ba a shwela Thebetse na? ho ya kang, ha le atametse lerako hakalo na? Etlaba moo o reng: Le mohlanka wa hao Uria Mohethe o shwele.
22. Lenqosa la ya ka tseo, la fihla, la tsebisa Davida tsohle tseo Joabe a le romileng ka tsona.
23. Lenqosa la re ho Davida: Banna ba Rabba ba fela ba re imetse, ba tla ho rona, re le naheng, ra mpa ra ba busa, ho ya fihla kgorong.