1. Eitse hobane lemo seo se fete, ka nako eo marena a atisang ho futuha ka yona, Davida a roma Joabe le bahlanka ba hae le Baiseraele bohle, ba ya, ba senya lefatshe la bana ba Ammone, ba ntoo ya thibella Rabba. Haele Davida, a sala Jerusalema.
2. Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.
3. Yaba Davida o romela ho botsa tsa mosadi eo. Ha thwe: Na hase Bathe-Sheba, moradi wa Eliame, mosadi wa Uria, Mohethe na?