2 Samuele 10:7-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Davida ha a utlwa, a roma Joabe le sera sohle sa banna ba ntwa.

8. Jwale, bana ba Ammone ba tswa, ba hlopholla ntwa pela kgoro ya motse; Basiria ba Tsoba le ba Rehobe, le ba Tobe, le ba Maaka, ba dula tulong tsa bona naheng.

9. Joabe ha a bona hobane ntwa e ya mo tlela, e nngwe e le kapele, e nngwe e le kamorao, a kgetha mokgetho wohle wa Iseraele, a ba lokisa hore ba kopanye ntwa le Basiria.

10. Ba bang ba setseng a ba nea Abishai moenae, hore a ba lokise ho ya kopanya ntwa le bana ba Ammone.

11. Joabe a re ho yena: Ha Basiria ba ka nkimela, o tle o tlatsetse ho nna; ha bana ba Ammone ba o imela, ke tla tlatsetsa ho wena.

12. Etsa ka senna, o iphe matla ho lwanela setjhaba sa heso le metse ya Modimo wa rona, mme Jehova a ke a etse kamoo a ratang kateng.

13. Joabe a ntoo atamela le batho bao a nang le bona ho ya lwantsha Basiria, mme ba baleha pela hae.

14. Bana ba Ammone, ha ba bona hobane Basiria ba balehile, le bona ba baleha pela Abishai, ba kena hae motseng. Yaba Joabe o kgutla ntweng ya bana ba Ammone, a boela Jerusalema.

15. Basiria, eitse ha ba bona hobane ba hlotswe ke Baiseraele, ba boela ba phutheha.

16. Hadadesere a romela ho lata Basiria ba mose wane ho noka, ba tla Helame; Shobake, molaodi wa sera sa Hadadesere, e le motsamaisi wa bona.

17. Davida ha a tsebiswa, a phutha Baiseraele bohle, a tshela Jordane, a tla Helame; le bona Basiria ba lokisa ntwa ho ya kgahlanyetsa Davida, le ho mo lwantsha.

18. Basiria ba baleha pela Baiseraele, mme Davida a timetsa makgolo a supileng a makoloi, le bapalami ba kete tse mashome a mane; a bolaya le Shobake, molaodi wa sera sa Hadadesere, a shwela hona teng.

19. Marena wohle a neng a le taolong ya Hadadesere, ha a bona hobane ho hlotse Baiseraele, a etsa kgotso le Baiseraele, a ba sebeletsa, Basiria ba ba ba tshaba ho boela ba thusa bana ba Ammone.

2 Samuele 10