2 Samuele 10:2-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Yaba Davida o re: Ke tla etsa Hanune, mora Nahashe, hantle, kamoo le ntatae a kileng a nketsa hantle kateng. Kahoo, Davida a roma bahlanka ba hae ho ya mo tshedisa bakeng sa ho shwa ha ntatae. Bahlanka ba Davida, ha ba fihla naheng ya bana ba Ammone,

3. baholo ba bana ba Ammone ba re ho Hanune, morena wa bona: Ha Davida a rometse batshedisi ho wena, hleka o re, ke ka ho hlonepha ntatao na? Ha Davida a rometse bahlanka ba hae ho wena, hleka hase ho tla qamakisisa le ho hlwela motse, hore a o timetse na?

4. Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola ditedu ka nqa e nngwe, a seha le diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, a ba a ba kgutlisa ba le jwalo.

5. Eitse hobane ba tsebise Davida, a romela ho ba kgahlanyetsa, hobane banna bao ba ne ba le dihlong haholo; mme morena a re: Dulang Jeriko, ditedu tsa lona di be di mele, le ntoo boya.

6. Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.

7. Davida ha a utlwa, a roma Joabe le sera sohle sa banna ba ntwa.

8. Jwale, bana ba Ammone ba tswa, ba hlopholla ntwa pela kgoro ya motse; Basiria ba Tsoba le ba Rehobe, le ba Tobe, le ba Maaka, ba dula tulong tsa bona naheng.

9. Joabe ha a bona hobane ntwa e ya mo tlela, e nngwe e le kapele, e nngwe e le kamorao, a kgetha mokgetho wohle wa Iseraele, a ba lokisa hore ba kopanye ntwa le Basiria.

10. Ba bang ba setseng a ba nea Abishai moenae, hore a ba lokise ho ya kopanya ntwa le bana ba Ammone.

11. Joabe a re ho yena: Ha Basiria ba ka nkimela, o tle o tlatsetse ho nna; ha bana ba Ammone ba o imela, ke tla tlatsetsa ho wena.

12. Etsa ka senna, o iphe matla ho lwanela setjhaba sa heso le metse ya Modimo wa rona, mme Jehova a ke a etse kamoo a ratang kateng.

13. Joabe a ntoo atamela le batho bao a nang le bona ho ya lwantsha Basiria, mme ba baleha pela hae.

14. Bana ba Ammone, ha ba bona hobane Basiria ba balehile, le bona ba baleha pela Abishai, ba kena hae motseng. Yaba Joabe o kgutla ntweng ya bana ba Ammone, a boela Jerusalema.

2 Samuele 10