2 Samuele 10:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, morena wa bana ba Ammone a timela, mme Hanune, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

2. Yaba Davida o re: Ke tla etsa Hanune, mora Nahashe, hantle, kamoo le ntatae a kileng a nketsa hantle kateng. Kahoo, Davida a roma bahlanka ba hae ho ya mo tshedisa bakeng sa ho shwa ha ntatae. Bahlanka ba Davida, ha ba fihla naheng ya bana ba Ammone,

3. baholo ba bana ba Ammone ba re ho Hanune, morena wa bona: Ha Davida a rometse batshedisi ho wena, hleka o re, ke ka ho hlonepha ntatao na? Ha Davida a rometse bahlanka ba hae ho wena, hleka hase ho tla qamakisisa le ho hlwela motse, hore a o timetse na?

4. Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola ditedu ka nqa e nngwe, a seha le diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, a ba a ba kgutlisa ba le jwalo.

5. Eitse hobane ba tsebise Davida, a romela ho ba kgahlanyetsa, hobane banna bao ba ne ba le dihlong haholo; mme morena a re: Dulang Jeriko, ditedu tsa lona di be di mele, le ntoo boya.

6. Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.

2 Samuele 10