2 Samuele 1:6-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Mohlankana ya mmehelang, a re: Eitse ha ke le thabeng ya Gilboa, ka fihlela Saule a ikokotletse ka lerumo la hae, ka bona ba makoloi le ba kaletseng mapere ba mo phalletse ka matla.

7. Eitse ha a tadima kamorao, a mpona, a mpitsa, mme ka re: Ke nna enwa.

8. A eketsa a re ho nna: O mang na? Ka re ho yena: Ke Moamaleke

9. A re ho nna: Tloo pela ka, o mpolaye: ke se ke tsekela; leha empa bophelo ba ka bohle bo sa le teng ho nna.

10. Ka mo atamela, ka mmolaya ke ho tseba hobane a ke ke a hlola a sa phela, ha a hlahetswe ke tseo. Ke nkile moqhaka o neng o le hloohong ya hae, le mofitshana o letsohong la hae, mme ke di tlisitse kwano ho monghadi wa ka.

11. Ebile Davida o tshwara diaparo tsa hae, a di hahola; le banna ba ho yena ba etsa jwalo.

12. Ba hlomoha, ba lla, ba itima le dijo, ya ba ya eba mantsiboya, ka baka la Saule, le mora hae Jonathane, le setjhaba sa Jehova, le ntlo ya Iseraele, hobane ba dihilwe ka lerumo.

13. Davida a ntoo re ho mohlankana ya mmehetseng: O tswa kae? Yena a re: Ke mora moditjhaba, wa Moamaleke.

14. Davida a re ho yena: Ha o a ka wa tshaba keng ho isa letsoho la hao ho timetsa motlotsuwa wa Jehova?

15. Yaba Davida o bitsa e mong ho bahlankana, a re: Atamela, o mmolaye. A mmolaya, a shwa.

16. Davida a re ho yena: Madi a hao a be hloohong ya hao, hobane o ikahlotse ka molomo wa hao, ha o itse, ke wena ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.

17. Davida a qapela Saule le mora hae Jonathane pina ya malla,

18. a re, bana ba Juda ba e rutwe. Ke pina ya seqha. Bonang, e ngodilwe bukeng ya Ya lokileng.

19. Oho Iseraele, ba batle ba hao ba bolailwe diphahameng tsa hao! Dinatla di wele jwang?

20. Le se ke la e bolela Gathe, le se ke la e tumisa mapatlelong a Ashkelone, esere barwetsana ba Bafilesta ba thaba, le barwetsana ba maqai ba nyakalla!

21. Oho, thaba tsa Gilboa, ho se ke ha lala phoka, ho se ne pula ho lona, ho se ke ha eba masimo a mang le dilopotsiya hobane ke moo ho lahlilweng thebe tsa bahale, le thebe ya Saule, jwaloka eka ha a ka a tlotswa ka ole!

2 Samuele 1