2 Samuele 1:4-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Davida a re ho yena: Taba di tsamaile jwang na? Ako ntsebise. A re: Setjhaba se balehile ntweng, mme ba bangata ba wele ba shwele; Saule le mora hae Jonathane le bona ba timetse.

5. Davida a re ho mohlankana ya mmehelang tseo: O tseba jwang hoba Saule le mora hae Jonathane ba timetse na?

6. Mohlankana ya mmehelang, a re: Eitse ha ke le thabeng ya Gilboa, ka fihlela Saule a ikokotletse ka lerumo la hae, ka bona ba makoloi le ba kaletseng mapere ba mo phalletse ka matla.

7. Eitse ha a tadima kamorao, a mpona, a mpitsa, mme ka re: Ke nna enwa.

8. A eketsa a re ho nna: O mang na? Ka re ho yena: Ke Moamaleke

9. A re ho nna: Tloo pela ka, o mpolaye: ke se ke tsekela; leha empa bophelo ba ka bohle bo sa le teng ho nna.

10. Ka mo atamela, ka mmolaya ke ho tseba hobane a ke ke a hlola a sa phela, ha a hlahetswe ke tseo. Ke nkile moqhaka o neng o le hloohong ya hae, le mofitshana o letsohong la hae, mme ke di tlisitse kwano ho monghadi wa ka.

2 Samuele 1