2 Samuele 1:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse hobane Saule a timele, ha Davida a sa tswa bolaya Baamaleke, Davida a dula Tsiklage tshiu tse pedi.

2. Ka la boraro, ha tshoha ho fihla monna ya tswang ntweng, ho Saule, a hahotse diaparo tsa hae, a ithuntsheditse ka mobu hloohong. Eitse ha a fihla ho Davida, a itihela fatshe, a kgumama.

3. Davida a re ho yena: O tswa kae? Eo a re ho yena: Ke balehile ntweng ya Iseraele.

4. Davida a re ho yena: Taba di tsamaile jwang na? Ako ntsebise. A re: Setjhaba se balehile ntweng, mme ba bangata ba wele ba shwele; Saule le mora hae Jonathane le bona ba timetse.

5. Davida a re ho mohlankana ya mmehelang tseo: O tseba jwang hoba Saule le mora hae Jonathane ba timetse na?

6. Mohlankana ya mmehelang, a re: Eitse ha ke le thabeng ya Gilboa, ka fihlela Saule a ikokotletse ka lerumo la hae, ka bona ba makoloi le ba kaletseng mapere ba mo phalletse ka matla.

7. Eitse ha a tadima kamorao, a mpona, a mpitsa, mme ka re: Ke nna enwa.

8. A eketsa a re ho nna: O mang na? Ka re ho yena: Ke Moamaleke

9. A re ho nna: Tloo pela ka, o mpolaye: ke se ke tsekela; leha empa bophelo ba ka bohle bo sa le teng ho nna.

10. Ka mo atamela, ka mmolaya ke ho tseba hobane a ke ke a hlola a sa phela, ha a hlahetswe ke tseo. Ke nkile moqhaka o neng o le hloohong ya hae, le mofitshana o letsohong la hae, mme ke di tlisitse kwano ho monghadi wa ka.

11. Ebile Davida o tshwara diaparo tsa hae, a di hahola; le banna ba ho yena ba etsa jwalo.

12. Ba hlomoha, ba lla, ba itima le dijo, ya ba ya eba mantsiboya, ka baka la Saule, le mora hae Jonathane, le setjhaba sa Jehova, le ntlo ya Iseraele, hobane ba dihilwe ka lerumo.

13. Davida a ntoo re ho mohlankana ya mmehetseng: O tswa kae? Yena a re: Ke mora moditjhaba, wa Moamaleke.

14. Davida a re ho yena: Ha o a ka wa tshaba keng ho isa letsoho la hao ho timetsa motlotsuwa wa Jehova?

15. Yaba Davida o bitsa e mong ho bahlankana, a re: Atamela, o mmolaye. A mmolaya, a shwa.

2 Samuele 1