2 Petrose 1:13-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ke fela ke lekanya hobane, ha ke sa ntse ke le motlotlwaneng ona, ke tshwanetse ho le tsosa ka ho le hopotsa,

14. ke tswe ke tseba hobane nako ya ka ya ho tloha kapele motlotlwaneng wona e se e le haufi, jwalokaha Morena wa rona Jesu Kreste a kile a ntsebisa.

15. Mme ke tla phehella hore, leha ke se ke tlohile, le nne le be le se ka le hopotsang taba tseo.

16. Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona.

17. Hobane enereha a fuwa hlompho le tlotliso ke Modimo, Ntatae, mohla lentswe le mo tlelang, le etswa kganyeng e phahameng le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena;

2 Petrose 1