2. Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.
3. Ha bo ho le banna ba balepera ba le bane pela kgoro ya motse; ba bolellana, ba re: Na re tla dula moo, re be re shwe na?
4. Ha re ka re, re tla kena motseng, tlala e kgolo e teng motseng, mme re tla shwela teng; leha re ka itulela mona, le teng re tla shwa; a re ke re yeng, re itahleleng diahelong tsa Basiria; ha ba re tlohela re phela, re tla phela; leha ba ka re bolaya, re tla shwa.
5. Ebile ba tloha ka shwalane, ba ya diahelong tsa Basiria; ha ba fihla qalong ya diahelo tsa Basiria, ba bona ho se motho teng.
6. Hobane Morena o ne a utlwisitse makgotla a Siria modumo wa makoloi, le modumo wa dipere, le modumo wa bahlabani ba bangata, ba ba ba bolellana, ba re: Bonang, morena wa Iseraele o re memetse marena a Bahethe le marena a Baegepeta.
7. Ebile ba tloha, ba baleha ka shwalane, ba siya ditente tsa bona, le mapere a bona, le maesele a bona, kamoo diahelo di neng di le kateng, ba baleha ba re, ba pholosa bophelo ba bona.
8. Balepera bao ha ba fihla qalong ya diahelo, ba kena tenteng e nngwe, ba eja, ba enwa, ba nka teng silefera le kgauta le diaparo, ba ya di pata; ba boya, ba kena tenteng e nngwe, ba nka tsa teng, ba ya di pata.
9. Yaba ba bolellana, ba re: Ha re etse hantle; letsatsi lena ke tsatsi la thabo, re mpa re kgutsitse; ha re dieha e ba e eba hosasa, kotlo e nngwe e tla re hlahela; ha re tloheng hle, re ye, re tsebise ba ntlo ya morena.