16. Eo a re: Se tshabe, hobane ba nang le rona ba feta ba nang le bona ka bongata.
17. Yaba Elisha o rapela, a re: Jehova, tutubolla mahlo a hae hle, a tle a bone. Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka, mme a bona thaba e tletse dipere le makoloi a mollo, a teetse Elisha hare ka nqa tsohle.
18. Basiria ha ba etla ho yena, Elisha a rapela Jehova, a re: Otla setjhaba sena ka bofufu hle. A ba otla ka bofufu, ka polelo ya Elisha.
19. Elisha a re ho bona: Ena hase tsela; hape hase wona motse; tloong le nna, ke tle ke le ise ho monna eo le mmatlang. Mme a ba isa Samaria.
20. Yare ha ba kene Samaria, Elisha a re: Jehova, tutubolla mahlo a bona, ba tle ba bone. Jehova a tutubolla mahlo a bona, mme ba bona ba se ba le hare ho Samaria.
21. Morena wa Iseraele, ha a ba bona, a re ho Elisha: Na ke ba bolaye, ke ba bolaye na, ntate?
22. Elisha a re: O ke ke wa ba bolaya. Bao o ba hapileng ka sabole ya hao le ka seqha sa hao, na o ye o ba bolaye na? Bea bohobe le metsi pela bona, ba je, ba nwe, ba ntoo kgutlela ho morena wa bona.
23. Yaba o ba etsetsa dijo tse ngata, ba eja, ba enwa; a ntoo ba kgutlisa, mme ba ikela ho morena wa bona. Mme makgotla a Siria ha a ka a hlola a kena naheng ya Iseraele.