12. Ana Abana le Parpare, dinoka tsa Damaseka, ha di ntle ho feta metsi wohle a Iseraele na? Ana ke ne nke ke ka itlhatswa teng, ka hlweka na? A tloha ka tseo, a tsamaya a le bohale haholo.
13. Yaba bahlanka ba hae ba mo atamela, ba mmolella, ba re: Ntate, hojane moporofeta a o laetse ntho e kgolo, ha re re, o ka be o e entse na? Haholo ha a itse ho wena: Ya itlhatswa, o hlweke.
14. Yaba o theoha, a itebisa hasupa hara Jordane, ka polelo ya monna wa Modimo; mme nama ya hae ya boela ya eba jwaloka nama ya ngwana e monyenyane, a hla a hlweka.
15. A kgutlela ho monna wa Modimo, a ena le sehlopha sa hae kaofela, a tla, a ema pela hae, a re: Bona, ke a tseba hobane ha ho Modimo lefatsheng lohle, haese Iseraeleng; jwale ke re, o amohele teboho ya mohlanka wa hao.
16. Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, eo ke emeng pela hae, nke ke ka e amohela. Naamane a mo phehella hore a e amohele, a mpa a ikganela.
17. Yaba Naamane o re: Ha ho le jwalo, o dumelle mohlanka wa hao a newe shoba tsa mobu o lekanang diesele tse pedi. Hobane mohlanka wa hao ha a sa tla etsetsa modimo osele setjheso, leha e le sehlabelo, haese Jehova feela.
18. Taba ke ena: Ha monga ka a kena ka tlung ya Rimmone, ho kgumama teng, mme a ikokotlela ka letsoho la ka, Jehova a ntshwarele nna, ke leng mohlanka wa hao, ha ke kgumama le nna tlung ya Rimmone; ke re, ha ke kgumama tlung ya Rimmone, Jehova a ntshwarele taba ena.
19. Elisha a re ho yena: Eya ka kgotso.A mo tlohela jwalo, a tsamaya sebakanyana.
20. Empa Gehasi, mohlanka wa Elisha, monna wa Modimo, a re: Bona, monga ka o hauhetse Naamane, Mosiria eo, kamoo a sa kang a nka letsohong la hae kateng, seo a se tlisitseng; ka Jehova ya utlwang, ke tla mo phallela, ke nke ho hong ho yena.
21. Ebile Gehasi o phallela Naamane. Naamane ha a mmona a mo phalletse, a tlola koloing, a mo kgahlanyetsa, a re: Na ho dutswe hantle?