12. Josafate a re: Lentswe la Jehova le ho yena. Ebile morena wa Iseraele, le Josafate, le morena wa Edomo, ba theohela ho yena.
13. Elisha a re ho morena wa Iseraele: Ke na le taba efe le wena? Ikele ho baporofeta ba ntatao le ho baporofeta ba mmao! Empa morena wa Iseraele a re ho yena: Tjhe, hobane Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe.
14. Elisha a re: Ka Jehova wa makgotla ya utlwang, eo ke emeng pela hae, hoja ha ke ele Josafate, morena wa Juda, hloko, nka be ke sa o shebe le ho o tadima.
15. Jwale, ntlisetseng moletsi wa harepa. Yare ha moletsi wa harepa a letsa harepa, letsoho la Jehova la eba hodima Elisha.
16. A re: Ho thwe ke Jehova: Tjhekang dikotikoti sekgutlong sena;
17. hobane ho thwe ke Jehova: Le ke ke la bona moya, le ke ke la bona le pula; leha ho le jwalo, sekgutlo sena se tla tlala metsi, le tle le nwe, lona le dikgomo tsa lona le dipelesa tsa lona.
18. E nyenyane taba ena mahlong a Jehova: hape, o tla be a neele le Bamoabe matsohong a lona.
19. Le tla fedisa metse yohle e dikilweng ka marako, le metse yohle e metle; le tla rema difate tsohle tse monate, le kate didiba tsohle tsa metsi, le senye masimo wohle a matle ka majwe.
20. Yare hosasane, ka nako ya ho hlahisa sehlabelo, ba bona metsi a etla ka tsela ya Edomo, lefatshe la ba la tlala metsi.
21. Haele Bamoabe bohle, ha ba utlwa hobane marena ao a tlile ho ba lwantsha, ha bokangwa bohle ba ka hlomelang, ho isa le ho ba hodileng, mme ba ema moeding.