2 Marena 25:16-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ke ditshiya tse pedi, le letsha, le didulwana tseo Salomone a neng a di etseditse ntlo ya Jehova; koporo ya mesebetsi eo yohle e be e se na ho lekanngwa ka baka la boima ba yona.

17. Bolelele ba tshiya e nngwe e ne e le ditswe tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi; hlooho ya yona e ne e le ya koporo; bolelele ba hlooho e ne e le ditswe tse tharo; le dikgabiso tse kang meqhaka, le digaranata tse rwesang hlooho, kaofela ha tsona e ne e le tsa koporo. Le tshiya ya bobedi e be e na le dikgabiso tse kang meqhaka, jwaloka e nngwe.

18. Molaodi wa bahlabani ba morena a tshwara le Seraia, moprista e moholo, le Sofonia, moprista ya mo hlahlamang, le balebedi ba bararo ba monyako.

19. Hape motseng a tshwara tona e nngwe, mohlahlobi wa banna ba ntwa, le banna ba bahlano bao e neng e le baeletsi ba morena ba fumanweng motseng; le mongodi wa molaodi wa makgotla, momemi wa makgotla a setjhaba sa lefatshe la Juda, le banna ba mashome a tsheletseng ba setjhaba sa lefatshe ba fumanweng motseng.

20. Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba tshwara, a ya le bona ho morena wa Babilona, Ribla.

21. Morena wa Babilona a ba bolaya, a ba timetsa Ribla, naheng ya Hamathe.Bajuda ba tloswa jwalo lefatsheng la bona, ba iswa kgolehong.

2 Marena 25