2. Le Jehova a romela ho mo lwantsha dihlopha tsa Bakalde, le dihlopha tsa Siria, le dihlopha tsa Moabe, le dihlopha tsa bana ba Ammone, di tle di timetse Juda, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka bahlanka ba hae, baporofeta.
3. Efela kannete ke ka taelo ya Jehova taba ena e hlahetseng Juda, e le hore a mo tlose pela hae, ka baka la dibe tsohle tseo Manasse a di entseng;
4. le ka baka la madi a se nang molato a tsholotsweng ke yena, kamoo a neng a tlatsitse Jerusalema kateng, ka madi a se nang molato; mme Jehova ha a ka a rata ho ba tshwarela.
5. Haele taba tse ding tsa Jojakime, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?
6. Jojakime a orohela ho bontatae, mme mora hae, Jojakine, ya eba morena tulong tsa hae.
7. Haele morena wa Egepeta, ha a ka a boela a tloha fatsheng la hae, hobane morena wa Babilona a ne a nkile naha e neng e le ya morena wa Egepeta, ho qala molatswaneng wa Egepeta, ho ya fihla nokeng ya Eufrate.
8. Jojakine o ne a le dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa; a busa ka kgwedi tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Nehushtha, moradi wa Elnathane wa Jerusalema.
9. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le kahohle kamoo ntatae a entseng kateng.
10. Mohlang oo, bahlanka ba Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba futuhela Jerusalema, mme motse wa thibellwa.
11. Le yena Nebukadnesare, morena wa Babilona, a tla, a futuhela motse, e le ha bahlanka ba hae ba ntse ba o thibeletse.