2 Marena 24:12-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ebile Jojakine, morena wa Juda, o tswela ho morena wa Babilona, e le yena, le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le matona a hae. Morena wa Babilona a mo tshwara ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa ho busa ha hae.

13. A ya le matlotlo wohle a ntlo ya Jehova, le matlotlo a ntlo ya morena, a pshatla mesebetsi yohle ya kgauta, e neng e entswe ke Salomone, morena wa Iseraele, tempeleng ya Jehova, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

14. A isa le ba Jerusalema bohle kgolehong, le mahosana wohle, le bahlabani ba matla; ba isitsweng kgolehong ya eba banna ba dikete tse leshome, le ditei, le malala, ho se ke ha sala le a mong, haese mafutsana a setjhaba sa lefatshe.

15. A isa Jojakine Babilona kgolehong, le mma morena, le basadi ba morena, le matona a hae, le baholo ba lefatshe; a tloha le bona Jerusalema, a ba isa Babilona kgolehong.

16. Le dinatla tsohle, e leng banna ba dikete tse supileng, ka ditei le malala a sekete se le seng, e leng ba matla kaofela le ba tsebang ho lwana, morena wa Babilona a ba isa Babilona kgolehong.

17. Morena wa Babilona a bea Matthania, ngwanabo ntata Jojakine, tulong tsa hae, a mo fetola lebitso, a mo rea la Tsedekia.

18. Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.

19. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le ka tsohle tse entsweng ke Jojakime.

20. Efela e bile ka kgalefo ya Jehova hoo ho hlahetseng Jerusalema le Juda, a ba a ba lahlela hole le yena. Tsedekia a ntoo fetohela morena wa Babilona.

2 Marena 24