2 Marena 24:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Tshiung tsa hae, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a mo futuhela, mme Jojakime ya eba mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo; a ntoo kweneha, a mo fetohela.

2. Le Jehova a romela ho mo lwantsha dihlopha tsa Bakalde, le dihlopha tsa Siria, le dihlopha tsa Moabe, le dihlopha tsa bana ba Ammone, di tle di timetse Juda, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka bahlanka ba hae, baporofeta.

3. Efela kannete ke ka taelo ya Jehova taba ena e hlahetseng Juda, e le hore a mo tlose pela hae, ka baka la dibe tsohle tseo Manasse a di entseng;

4. le ka baka la madi a se nang molato a tsholotsweng ke yena, kamoo a neng a tlatsitse Jerusalema kateng, ka madi a se nang molato; mme Jehova ha a ka a rata ho ba tshwarela.

5. Haele taba tse ding tsa Jojakime, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

6. Jojakime a orohela ho bontatae, mme mora hae, Jojakine, ya eba morena tulong tsa hae.

7. Haele morena wa Egepeta, ha a ka a boela a tloha fatsheng la hae, hobane morena wa Babilona a ne a nkile naha e neng e le ya morena wa Egepeta, ho qala molatswaneng wa Egepeta, ho ya fihla nokeng ya Eufrate.

8. Jojakine o ne a le dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa; a busa ka kgwedi tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Nehushtha, moradi wa Elnathane wa Jerusalema.

2 Marena 24