9. Empa baprista ba dinqalo tse diphahameng ha ba ka ba hlaba aletareng ya Jehova Jerusalema, empa ba ne ba eja mahobe a se nang ditomoso hara banababo bona.
10. Hape, a silafatsa Tofethe, sekgutlong sa bana ba Hinnome, hore ho se ka ha hlola ho eba motho ya tjhesang mora hae leha e le moradi wa hae, ho mo kgethela Moloke.
11. A tlosa le dipere tse kgethetsweng letsatsi ke marena a Juda; di be di le pela ntlo ya Jehova, kamoreng ya tona Nethane-Meleke, e lebaleng le kantle la tempele; a tjhesa le makoloi a letsatsi ka mollo.
12. Haele dialetare tse kahodima ntlo e kahodimo ya Akase, tse entsweng ke marena a Juda, le dialetare tse entsweng ke Manasse mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova, morena a di qhaqha, a di qhebolla, mme a lahlela lerole la tsona molatswaneng wa Kedrone.
13. Le nqalong tse diphahameng tse pela Jerusalema, ka ho le letona ho thaba ya Tahleho, tseo Salomone, morena wa Iseraele, a neng a di hahetse Ashtarothe, manyala a Basidone, le Kemoshe, manyala a Moabe, le Milkome, mayala a bana ba Ammone, tsa silafatswa ke morena.
14. A robaka ditshwantsho, a poma le diashera, mme tulo tsa tsona a di tlatsa ka masapo a batho.
15. Le aletare e Bethele le nqalo e phahameng e neng e entswe ke Jeroboame, mora Nebathe, ya sebisitseng Iseraele, ke re, aletare eo le nqalo e phahameng ya teng, a di qhaqha, a tjhesa nqalo e phahameng, a e tula ya eba lerole; a ntoo tjhesa le ashera ya teng.
16. Josiase, ha a reteleha, a bona mabitla a le teng thabeng; ebile o a romela, a ntsha masapo mabitleng, a a tjhesa aletareng, a e silafatsa, ka ho ya ka lentswe la Jehova leo monna wa Modimo a neng a le boletse mohla a bolelang ditaba tsena.
17. Morena a re: Sefika seo ke se bonang ke sang? Batho ba motse ba mmolella, ba re: Ke lebitla la monna wa Modimo ya kileng a tla a etswa Juda, a howelletsa aletare ya Bethele taba tseo o di entseng.
18. A re: Mo tloheleng; ho se ke ha eba motho ya ntshang masapo a hae. Ebile ba tlohela masapo a hae hammoho le masapo a moporofeta ya tlileng a etswa Samaria.
19. Le matlo wohle a dinqalo tse diphahameng, tse metseng ya Samaria, tse entsweng ke marena a Iseraele, ho halefisa Jehova ka tsona, Josiase a a tlosa, a etsa ka wona kahohle kamoo a entseng Bethele kateng.
20. Le baprista bohle ba nqalo tse diphahameng, a ba bolaela dialetareng, mme a tjhesa masapo a batho hodima tsona; a ntoo boela Jerusalema.
21. Ebile morena a laela setjhaba sohle, a re: Etsetsang Jehova, Modimo wa lona, Paseka, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ena ya selekane.
22. Ruri ho ne ho eso ho ka ho etswa Paseka e jwalo, haesale baahlodi ba ahlolela Iseraele, le ka tshiu tsohle tsa marena a Iseraele le tsa marena a Juda.