2 Marena 23:29-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Tshiung tsa hae, Faro-Neko, morena wa Egepeta, a futuhela morena wa Assiria, ho fihla nokeng ya Eufrate; le morena Josiase a ya mo kgahlanyetsa; empa Faro a mmolaela Megiddo, mohla ba teaneng.

30. Yaba bahlanka ba hae ba tloha Megiddo, ba mo isa Jerusalema ka koloi, a se a shwele, mme ba mo pata lebitleng la hae. Yaba setjhaba sa lefatshe la Juda se nka Joakase, mora Josiase; ba mo tlotsa, ba mmea morena tulong tsa ntatae.

31. Joakase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro, ha a qala ho busa; a busa ka kgwedi tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.

32. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa ka tsohle tse entsweng ke bontatae.

33. Ebile Faro-Neko o mo tlama ka mahlaahlela, Ribla, naheng ya Hamathe, hore a se ke a hlola a busa Jerusalema; a ntshisa lefatshe lekgetho la lekgolo la ditalenta tsa silefera le talenta e nngwe ya kgauta.

34. Faro-Neko a ntoo bea Eliakime, mora Josiase, morena tulong tsa ntatae Josiase; a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime; mme a ya le Joakase; eo a ya Egepeta, a shwela teng.

35. Haele Jojakime, a nea Faro silefera le kgauta; a lekanya lefatshe kamoo le tshwanetseng ho ntsha tjhelete kateng, ka taelo ya Faro; a ntshisa setjhaba sa lefatshe silefera le kgauta, e mong le e mong kamoo a lekanyeditsweng kateng, e le hore ho newe Faro-Neko.

36. Jojakime o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Sebudda, moradi wa Pedaia wa Ruma.

2 Marena 23