2 Marena 23:27-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Hobane Jehova o fela a ne a itse: Le Juda ke tla mo tlosa pela ka, jwalokaha ke tlositse Iseraele, ke lahle le Jerusalema, motse wona oo ke neng ke ikgethetse wona, le ntlo eo ke neng ke itse, lebitso la ka e tla be e sa le le le teng ho yona.

28. Haele taba tse ding tsa Josiase, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

29. Tshiung tsa hae, Faro-Neko, morena wa Egepeta, a futuhela morena wa Assiria, ho fihla nokeng ya Eufrate; le morena Josiase a ya mo kgahlanyetsa; empa Faro a mmolaela Megiddo, mohla ba teaneng.

30. Yaba bahlanka ba hae ba tloha Megiddo, ba mo isa Jerusalema ka koloi, a se a shwele, mme ba mo pata lebitleng la hae. Yaba setjhaba sa lefatshe la Juda se nka Joakase, mora Josiase; ba mo tlotsa, ba mmea morena tulong tsa ntatae.

31. Joakase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro, ha a qala ho busa; a busa ka kgwedi tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.

32. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa ka tsohle tse entsweng ke bontatae.

33. Ebile Faro-Neko o mo tlama ka mahlaahlela, Ribla, naheng ya Hamathe, hore a se ke a hlola a busa Jerusalema; a ntshisa lefatshe lekgetho la lekgolo la ditalenta tsa silefera le talenta e nngwe ya kgauta.

34. Faro-Neko a ntoo bea Eliakime, mora Josiase, morena tulong tsa ntatae Josiase; a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime; mme a ya le Joakase; eo a ya Egepeta, a shwela teng.

35. Haele Jojakime, a nea Faro silefera le kgauta; a lekanya lefatshe kamoo le tshwanetseng ho ntsha tjhelete kateng, ka taelo ya Faro; a ntshisa setjhaba sa lefatshe silefera le kgauta, e mong le e mong kamoo a lekanyeditsweng kateng, e le hore ho newe Faro-Neko.

36. Jojakime o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Sebudda, moradi wa Pedaia wa Ruma.

37. Le yena a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le ka tsohle tse entsweng ke bontatae.

2 Marena 23