16. Josiase, ha a reteleha, a bona mabitla a le teng thabeng; ebile o a romela, a ntsha masapo mabitleng, a a tjhesa aletareng, a e silafatsa, ka ho ya ka lentswe la Jehova leo monna wa Modimo a neng a le boletse mohla a bolelang ditaba tsena.
17. Morena a re: Sefika seo ke se bonang ke sang? Batho ba motse ba mmolella, ba re: Ke lebitla la monna wa Modimo ya kileng a tla a etswa Juda, a howelletsa aletare ya Bethele taba tseo o di entseng.
18. A re: Mo tloheleng; ho se ke ha eba motho ya ntshang masapo a hae. Ebile ba tlohela masapo a hae hammoho le masapo a moporofeta ya tlileng a etswa Samaria.
19. Le matlo wohle a dinqalo tse diphahameng, tse metseng ya Samaria, tse entsweng ke marena a Iseraele, ho halefisa Jehova ka tsona, Josiase a a tlosa, a etsa ka wona kahohle kamoo a entseng Bethele kateng.
20. Le baprista bohle ba nqalo tse diphahameng, a ba bolaela dialetareng, mme a tjhesa masapo a batho hodima tsona; a ntoo boela Jerusalema.
21. Ebile morena a laela setjhaba sohle, a re: Etsetsang Jehova, Modimo wa lona, Paseka, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ena ya selekane.
22. Ruri ho ne ho eso ho ka ho etswa Paseka e jwalo, haesale baahlodi ba ahlolela Iseraele, le ka tshiu tsohle tsa marena a Iseraele le tsa marena a Juda.
23. Ke ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa ho busa ha Josiase Paseka ena e etseditsweng Jehova, Jerusalema.
24. Haele baloi le dinohe, le diterafime le ditshwantsho, le manyala wohle a neng a bonwa fatsheng la Juda le Jerusalema, Josiase a di lahla, hore a tsose ditaba tsa molao tse ngodilweng bukeng e fumanweng ke moprista Hilkia tlung ya Jehova.
25. Le pele, ha ho a ka ha eba morena ya jwaloka yena, ya sokolohetseng ho Jehova ke pelo yohle ya hae, le ka moya wohle wa hae, le ka matla wohle a hae, ho etsa le ka tsohle tsa molao wa Moshe; le kamorao, ha ho a ka ha hlaha ya jwaloka yena.
26. Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a phetsa ho halefela Juda haholo, ka baka la tsohle tseo Manasse a mo halefisitseng ka tsona.