2 Marena 23:12-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Haele dialetare tse kahodima ntlo e kahodimo ya Akase, tse entsweng ke marena a Juda, le dialetare tse entsweng ke Manasse mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova, morena a di qhaqha, a di qhebolla, mme a lahlela lerole la tsona molatswaneng wa Kedrone.

13. Le nqalong tse diphahameng tse pela Jerusalema, ka ho le letona ho thaba ya Tahleho, tseo Salomone, morena wa Iseraele, a neng a di hahetse Ashtarothe, manyala a Basidone, le Kemoshe, manyala a Moabe, le Milkome, mayala a bana ba Ammone, tsa silafatswa ke morena.

14. A robaka ditshwantsho, a poma le diashera, mme tulo tsa tsona a di tlatsa ka masapo a batho.

15. Le aletare e Bethele le nqalo e phahameng e neng e entswe ke Jeroboame, mora Nebathe, ya sebisitseng Iseraele, ke re, aletare eo le nqalo e phahameng ya teng, a di qhaqha, a tjhesa nqalo e phahameng, a e tula ya eba lerole; a ntoo tjhesa le ashera ya teng.

16. Josiase, ha a reteleha, a bona mabitla a le teng thabeng; ebile o a romela, a ntsha masapo mabitleng, a a tjhesa aletareng, a e silafatsa, ka ho ya ka lentswe la Jehova leo monna wa Modimo a neng a le boletse mohla a bolelang ditaba tsena.

17. Morena a re: Sefika seo ke se bonang ke sang? Batho ba motse ba mmolella, ba re: Ke lebitla la monna wa Modimo ya kileng a tla a etswa Juda, a howelletsa aletare ya Bethele taba tseo o di entseng.

18. A re: Mo tloheleng; ho se ke ha eba motho ya ntshang masapo a hae. Ebile ba tlohela masapo a hae hammoho le masapo a moporofeta ya tlileng a etswa Samaria.

19. Le matlo wohle a dinqalo tse diphahameng, tse metseng ya Samaria, tse entsweng ke marena a Iseraele, ho halefisa Jehova ka tsona, Josiase a a tlosa, a etsa ka wona kahohle kamoo a entseng Bethele kateng.

20. Le baprista bohle ba nqalo tse diphahameng, a ba bolaela dialetareng, mme a tjhesa masapo a batho hodima tsona; a ntoo boela Jerusalema.

21. Ebile morena a laela setjhaba sohle, a re: Etsetsang Jehova, Modimo wa lona, Paseka, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ena ya selekane.

22. Ruri ho ne ho eso ho ka ho etswa Paseka e jwalo, haesale baahlodi ba ahlolela Iseraele, le ka tshiu tsohle tsa marena a Iseraele le tsa marena a Juda.

2 Marena 23