1. Ebile ba busetsa ditaba ho morena.Morena a romela, a bokella baholo bohle ba Juda le Jerusalema.
2. Morena a nyolohela tlung ya Jehova, yena le banna bohle ba Juda, le bohle ba ahileng Jerusalema, le baprista le baporofeta, le setjhaba sohle, ba banyenyane le ba baholo; a bala tsebeng tsa bona taba tsohle tsa buka ya selekane e fumanweng ka tlung ya Jehova.