2 Marena 21:14-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ke tla furalla masala a lefa la ka, ke a neele matsohong a bao e leng dira ho wona, hore a fetohe tlatlapo le kgapo pela bohle bao e leng dira ho wona;

15. kahobane ba entse ho leng hobe mahlong a ka, mme ba nkgalefisitse, haesale ha bontata bona ba etswa Egepeta ho fihlela kajeno.

16. Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.

17. Haele taba tse ding tsa Manasse, le tsohle tseo a di entseng, le dibe tseo a sebileng ka tsona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

18. Yaba Manasse o orohela ho bontatae, a patwa tshimong ya ntlo ya hae, tshimong ya Ussa; mme Amone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

19. Amone o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse pedi Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Meshullemethe, moradi wa Harutse, wa Jotba.

20. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, jwalokaha ho ne ho entse ntatae Manasse.

21. A ya le ka mehlala yohle eo ntatae a ileng ka yona, a sebeletsa ditshwantsho tse sebeleditsweng ke ntatae, a di kgumamela.

22. A furalla Jehova, Modimo wa bontatae; mme ha a ka a tsamaya ka tsela ya Jehova.

23. Ebile bahlanka ba Amone ba mo fetohela, ba mmolaela tlung ya hae.

2 Marena 21