11. Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.
12. Elisha a bona hoo, a howeletsa, a re: Ntate, ntate! Koloi ya Iseraele le bapalami ba yona! Ebile ha a sa mmona. A tshwara diaparo tsa hae, a di hahola koto tse pedi.
13. A thola le kobo ya Elia e weleng ho yena, a boela a ya ema lebopong la Jordane.
14. A nka kobo ya Elia, e weleng ho yena, a phutla metsi ka yona, a re: O kae Jehova, Modimo wa Elia? Hobane le yena a phutle metsi, a arohela ka nqa tse pedi, mme Elisha a tshela.
15. Bara ba baporofeta ba Jeriko ba neng ba eme mabapa le teng, ha ba mmona, ba re: Moya wa Elia o dutse hodima Elisha. Ba tla, ba mo kgahlanyetsa, ba inama fatshe pela hae.
16. Ba ntoo re ho yena: Bona, bahlanka ba hao ba na le banna ba matla ba mashome a mahlano; ha ba ke ba ye, ba batle monga hao; ekaba mohlomong, moya wa Jehova o mo nkile, o mo lahletse thabeng e nngwe, leha e le sekgutlong se seng. A re: Le se ke la romela.
17. Empa ba mo phehella, a ba a swaba, a re: Le ka romela. Ba roma banna ba mashome a mahlano, ba batla ka tshiu tse tharo, ba se ke ba mmona.
18. Ba ntoo kgutlela ho Elisha, a dutse Jeriko, mme a re ho bona: Hleka ha ke a ka ka le bolella, ka re: Le se ke la ya, na?
19. Yaba banna ba motse ba re ho Elisha: Motse wona o dutse botleng, jwalokaha o bona, monghadi; empa metsi a mabe, mme naha e nyopile.
20. A re: Ntlisetseng lefiswana le letjha, le le tshele letswai. Ba mo tlisetsa lona.
21. A ya mohloding wa metsi, a tshela letswai teng, a re: Ho itswe ke Jehova: Ke phekotse metsi ana; ha ho sa tla tswa lefu teng, leha e le ho nyopa ha naha.
22. Metsi a phekolwa jwalo, ho fihlela kajeno, ka polelo eo Elisha a e boletseng.
23. Yaba o tloha teng, a ya Bethele. Ha a ntse a nyoloha ka tsela, bashanyana ba tswa hae, ba mo soma, ba re ho yena: Lefatla towe, nyoloha! lefatla towe, nyoloha!
24. Yena a reteleha, a ba sheba, a ba rohaka ka lebitso la Jehova. Yaba ho tswa dibere tse pedi tse tshehadi morung, tsa harola bana ba mashome a mane a metso e mmedi.
25. Jwale, a tloha teng, a ya thabeng ya Karmele, a ntoo boela Samaria.