1. Mohla Jehova a tla nyolosetsa Elia lehodimong ka sefefo, Elia le Elisha ba tloha Gilgale.
2. Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile mane Bethele. Empa Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Ba theohela Bethele.
3. Teng, bara ba baporofeta ba Bethele ba tswela ho Elisha, ba re ho yena: Ana o a tseba hobane Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? A re: E, ke a tseba; kgutsang.
4. Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jeriko. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba ya Jeriko.
5. Teng, bara ba baporofeta ba Jeriko ba re ho Elisha: Ana o a tseba hoba Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? Yena a re: E, ke a tseba; kgutsang.
6. Elia a re ho yena: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jordane. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba tsamaya ba babedi.
7. Ebile ho tla teng banna ba mashome a mahlano, e le bara ba baporofeta, ba ema mabapa le bona, ba le sebakanyana; bona ba babedi ba ema lebopong la Jordane.
8. Elia a nka kobo ya hae, a e tshopha, a phutla metsi; a arohana kalehare, mme ba tshela ba babedi moo ho omileng.
9. Eitse hobane ba tshele, Elia a re ho Elisha: Kopa seo nka o etsetsang sona, ke eso ho tloswe ho wena. Elisha a re: A nke ke newe karolo tse pedi tsa moya wa hao.
10. Yena a re: O kopile ntho e thata; empa ha o ka mpona ha ke tloswa ho wena, ho tla ba jwalo ho wena; ha o sa mpone, ho ke ke ha eba jwalo.
11. Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.