13. O kae morena wa Hamathe, le morena wa Arpade, le morena wa motse wa Sefarvaime, wa Hena, le wa Ivva?
14. Ebile Esekiase o nka lengolo matsohong a manqosa, a le bala. A nyolohela tlung ya Jehova, mme Esekiase a le phutholla pela Jehova.
15. Esekiase a rapela pela Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ya dutseng hodima dikerubime, ke wena Modimo o nnotshi wa mebuso yohle ya lefatshe; o entse mahodimo le lefatshe.
16. Jehova, sekeha tsebe ya hao, o utlwe; Jehova, tutubolla mahlo a hao, mme o bone, o utlwe mantswe ao Sankeribe a romileng motho ho nyedisa Modimo o phelang ka wona.
17. Oho, Jehova, kannete marena a Assiria a timeditse ditjhaba le mafatshe a tsona;
18. a lahletse medimo ya tsona mollong; hobane e be e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.
19. Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane wena Jehova, o Modimo o nnotshi.
20. Yaba Esaia, mora Amotse, o romela ho Esekiase, a re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke utlwile kamoo o ithapeletseng kateng ho nna bakeng sa Sankeribe, morena wa Assiria.
21. Ke ena taba eo Jehova a e boletseng bakeng sa hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokoletsa hlooho.