6. Ebile moo Retsine, morena wa Siria, a boelang a hapela Siria Elathe, a leleka Bajuda Elathe, mme Basiria ba tla Elathe, ba aha teng ho fihlela kajeno.
7. Ebile Akase o romela manqosa ho Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a re: Ke mohlanka wa hao le mora hao; tloo, o nnamolele matsohong a morena wa Siria le matsohong a morena wa Iseraele, ba ntsohetseng matla.
8. Akase a nka silefera le kgauta tseo a di fumaneng ka tlung ya Jehova le bobolokelong ba ntlo ya marena, a di romela ho morena wa Assiria ka mokgwa wa nyehelo.
9. Morena wa Assiria a mo utlwa; morena wa Assiria a fela a futuhela Damaseka, a o kena, mme a isa ba teng Kire kgolehong, a bolaya le Retsine.
10. Morena Akase a ya Damaseka, a tle a kopane le Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a bona aletare e Damaseka; yaba morena Akase o romela ho moprista Uria setshwantsho sa aletare le mokgwa wohle oo e entsweng ka wona.
11. Moprista Uria a haha aletare ka mokgwa wohle oo morena Akase a mo rometseng wona a le Damaseka; mme moprista Uria a e phetha, morena Akase a eso ho kgutle Damaseka.
12. Morena, ha a kgutlile Damaseka, a bona aletare; mme morena a atamela pela aletare, a hlaba mahlabelo hodima yona.
13. A tjhesa setjheso sa hae le nyehelo ya hae, a tshollela le ditshelo tsa hae teng, mme a fafatsa aletare ka madi a mahlabelo a hae, a teboho.
14. Le aletare ya koporo e pela Jehova, a e tlosa pela ntlo tulong tsa yona, dipakeng tsa aletare le ntlo ya Jehova, a e bea nqa leboya ho aletare.
15. Yaba morena Akase o laela moprista Uria, a re: Tjhesa setjheso sa hosasa aletareng e kgolo le nyehelo ya mantsiboya, le setjheso sa morena le nyehelo ya hae, le setjheso sa setjhaba sohle sa lefatshe, le nyehelo ya sona, le ditshelo tsa sona; o e fafatse ka madi a ditjheso le ka madi wohle a mahlabelo. Haele aletare ya koporo, ke tla e hopolela.
16. Moprista Uria a etsa ka tsohle tseo morena Akase a mo laetseng tsona.
17. Jwale, morena Akase a bolaya mahlakore a didulwana, a tlosa merifi e hodima tsona; a theosa le letsha kgomong tsa koporo tse tlasa lona, a le bea hodima sebotoboto sa majwe.
18. Le mathule a kwahetsweng a Sabatha a hahilweng ka tlung, le monyako wa morena o kantle, a di fetola ka tlung ya Jehova, ka baka la morena wa Assiria.
19. Haele taba tse ding tseo Akase a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?