2 Marena 15:30-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Yaba Osea, mora Ela, o fetohela Peka, mora Remalia, a mo hlaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae, e le ka selemo sa mashome a mabedi sa Jothame, mora Osiase.

31. Haele taba tse ding tsa Peka le tsohle tseo a di entseng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.

32. Ka selemo sa bobedi sa Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, a qala ho busa.

33. O ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Tsadoke.

34. A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a etsa ka tsohle tse entsweng ke ntatae Osiase.

35. Feela, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa, setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng. A haha monyako wa ntlo ya Jehova o ka nqa hodimo.

36. Haele taba tse ding tsa Jothame, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

37. Tshiung tseo, Jehova a qala ho romela Juda Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, ho lwantsha Juda.

38. Jothame yena a orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae, motseng wa ntatae Davida; mme Akase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

2 Marena 15