3. A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, empa e seng jwaloka Davida ntatae; a etsa ka tsohle tse neng di entswe ke ntatae Joase.
4. Feela, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa; setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng.
5. Eitse mmuso ha o tiile letsohong la hae, a bolaya bahlanka ba hae ba bolaileng morena ntatae.
6. Empa bana ba babolai ha a ka a ba bolaya, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya molao wa Moshe, moo Jehova a laetseng, a re: Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona; e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae.
7. A bolaya Baedomo ba dikete tse leshome, Thoteng ya Letswai; a nka Sela ka ntwa, a o rea lebitso la Joktheele (o hapilweng ke Jehova); le kajeno ke lona.
8. Kamora tseo, Amatsia a romela manqosa ho Joase, mora Joakase, mora Jehu, morena wa Iseraele, a re: Tloo, re ke re tadimane difahleho.