2 Marena 13:2-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, a se ke a di kgeloha.

3. Ebile Jehova o halefela Baiseraele, a ba neela matsohong a Hasaele, morena wa Siria, le matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, tshiung tsohle tsa Joakase.

4. Joakase a rapela Jehova, mme Jehova a mo utlwa, ha a bona ho tshwenyeha ha Baiseraele, kamoo ba tshwenngwang kateng ke morena wa Siria.

5. Jehova a nea Iseraele monamodi, ba namolelwa matsohong a Basiria, mme bana ba Iseraele ba boela ba aha ditenteng tsa bona jwaloka pele.

6. Empa leha ho le jwalo, ha ba ka ba furalla dibe tsa ntlo ya Jeroboame, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona, ba mpa ba itsamaela ka tsona; esita le setshwantsho sa Ashtarothe sa sala Samaria.

7. Joakase ha a ka a tlohellwa batho, haese bakalli ba mashome a mahlano, le makoloi a leshome, le dikete tse leshome tsa ba maoto; hobane morena wa Siria o ne a ba timeditse, a ba etsa jwaloka lerole ha le hatwa ka maoto.

8. Haele taba tse ding tsa Joakase, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

9. Yaba Joakase o orohela ho bontatae, a patwa Samaria, mme Joase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

10. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa Joase, morena wa Juda, Joase, mora Joakase, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.

11. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona; le yena a ya ka tsona.

12. Haele taba tse ding tsa Joase, le tsohle tseo a di entseng, le matla ao a lwantshitseng Amatsia, morena wa Juda ka wona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

2 Marena 13