12. Haele taba tse ding tsa Joase, le tsohle tseo a di entseng, le matla ao a lwantshitseng Amatsia, morena wa Juda ka wona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?
13. Joase a orohela ho bontatae, mme Jeroboame a dula teroneng ya hae; Joase yena a patwa Samaria ho marena a Iseraele.
14. Mohla Elisha a kulang ke lefu leo a tla shwa ke lona, Joase, morena wa Iseraele, o ne a theohetse ho yena, a lla pela hae, a re: Ntate, ntate! koloi ya Iseraele le bapalami ba yona!
15. Elisha a re ho yena: Nka seqha le metsu. A nka seqha le metsu.
16. Yaba o re ho morena wa Iseraele: Koba seqha. A se koba. Elisha a ntoo bea matsoho a hae hodima matsoho a morena,
17. a re: Bula sefensetere se lebileng botjhabatsatsi. A se bula. Elisha a re: Phosa. A phosa. Elisha a re: Ke motsu oo Jehova a o lopollang ka wona, ke motsu oo namolelang ho Basiria; hobane a tla hlola Basiria Afeke, o be o ba qete.
18. A re: Nka metsu. A e nka. A boela a re ho morena wa Iseraele: Otla fatshe. A otla hararo, a ntoo ema.
19. Monna wa Modimo a mo halefela, a re: Hoja eba o otlile hahlano, leha e le hatshelela, ekabeba o hlotse Basiria, wa ba wa ba qeta; athe jwale o tla hlola Basiria hararo feela.
20. Elisha a shwa, a patwa. Selemo, dihlopha tsa Bamoabe tsa futuhela naheng ya Iseraele.
21. Eitse mohlomong, ha ho patwa mofu, ba bona ho hlaha sehlopha. Ebile ba lahlela mofu lebitleng la Elisha, mme mofu ha a thetsa masapo a Elisha, yaba o boela a phela, a tsoha, a ema ka maoto.
22. Haele Hasaele, morena wa Siria, a tshwenya Iseraele tshiung tsohle tsa Joakase.
23. Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.
24. Hasaele, morena wa Siria, a shwa, mme Ben-Hadade, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.
25. Joase yena, mora Joakase, a boela a hapa matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, metse e beng e hapilwe ke yena matsohong a ntatae ka ntwa. Joase a mo hlola hararo, a boela a rua metse eo ya Iseraele.