2 Marena 12:2-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Joase a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, ka ditshiu tsohle tseo moprista Jehojada a mo eleditseng ka tsona;

3. empa dinqalo tse diphahameng ha a ka a di tlosa; setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano dinqalong tse diphahameng.

4. Ebile Joase o re ho baprista: Haele tjhelete tsohle tse kgethilweng, tse tliswang ka tlung ya Jehova, le ditjhelete tse ntshwang ke e mong le e mong wa setjhaba, e leng ditjhelete tseo motho ka mong a lekanngwang ka tsona, le ditjhelete tsohle tseo motho a ikgopolelang ka pelong ya hae ho di tlisa ka tlung ya Jehova,

5. baprista ba ke ba di amohele e mong le e mong ho ba tsebanang le yena, mme ba lokise dikgeo tsa ntlo, kahohle moo dikgeo di ka bonwang.

6. Leha ho le jwalo, ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa morena Joase, baprista ba ne ba eso ho lokise dikgeo tsa ntlo.

2 Marena 12