2 Marena 12:14-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Hobane ba ne ba di nea basebeletsi, ba tle ba lokise ntlo ya Jehova ka tsona.

15. Ba ne ba sa bale le banna bao ditjhelete tse bewang matsohong a bona, hore ba di nee ba sebetsang mosebetsi, kahobane ba ne ba etsa ka botshepehi.

16. Haele ditjhelete tsa mahlabelo a melato, le tjhelete tsa mahlabelo a dibe, di ne di sa tliswe tlung ya Jehova; e ne e le tsa baprista.

17. Mohlomong Hasaele, morena wa Siria, a futuha, a tla lwantsha Gathe, a o nka. Hasaele a ntoo rera ho futuhela Jerusalema.

18. Ebile Joase, morena wa Juda, o nka tsohle tse kgethetsweng Jehova ke Josafate le Jorame le Akasia, bontatae, marena a Juda, le tse kgethilweng ke yena, le kgauta yohle a fumanweng polokelong ya ntlo ya Jehova le ho ya ntlo ya morena, a di romela ho Hasaele, morena wa Siria; yaba o tlohela ho ya Jerusalema.

19. Haele taba tse ding tsa Joase, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

20. Bahlanka ba Joase ba mo fetohela, ba mmolaya tlung ya Millo, motheong wa Silla.

21. Ke bahlanka ba hae, Josakare, mora Shimeathe, le Josabade, mora Shomere, ba mmolaileng; a shwa, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida; mme Amatsia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

2 Marena 12