8. Lenqosa le leng la tla, la mo tsebisa, la re: Ba tlisitse dihlooho tsa bara ba morena. A re: Le di etse qubu tse pedi, kgorong ya motse, e be e be hosasa.
9. Ka hosasa, a tswa, a ya ema teng, a re ho setjhaba sohle: Le lokile! Bonang, ke fetohetse monga ka, ka mmolaya; empa bao bohle ke mang ya ba bolaileng?
10. Tsebang jwale hore ha ho taba le e nngwe eo Jehova a e boletseng hodima ntlo ya Akabe, e tla wela fatshe; Jehova o entse seo a se boletseng ka Elia, mohlanka wa hae.
11. Jehu a bolaya le bohle ba setseng Jisreele ba ntlo ya Akabe, le baholo ba ha hae bohle, le metswalle ya hae, le matona a hae, a se ke a mo tlohella le a mong ya salang.
12. A ntoo ema, a tloha, a ikela Samaria. Ha a fihla pela ntlo eo badisa ba bokaneng ho yona, e pela tsela,
13. Jehu a kgahlana le banababo Akasia, morena wa Juda, a re: Le bomang? Ba re: Re banababo Akasia: re theohile ho ya dumedisa bara ba morena le bara ba mofumahadi.
14. A re: Ba tshwareng ba sa utlwa. Mme ba ba tshwara ba sa utlwa, ba ba bolaela lemeneng la ntlo ya badisa; e le banna ba mashome a mane a metso e mmedi, ho se ke ha tlola le a mong.
15. A tloha teng, a kopana le Jonadabe, mora Rekabe, a tlile ho mo kgahlanyetsa. A mo dumedisa, a re ho yena: Na pelo ya hao e tshweu, jwalokaha pelo ya ka e le tshweu bakeng sa pelo ya hao na? Jonadabe a re: E tshweu. Yena a re: Ha ho le jwalo, nnee letsoho la hao. A mo neela letsoho la hae. A mo neela letsoho la hae, a mo nyollela koloing.
16. A re ho yena: A re ye le wena, o bone kamoo ke tjhesehetseng Jehova kateng; mme a ya le yena koloing ya hae.
17. A kena Samaria, mme a bolaya mesaletsa yohle ya Akabe e Samaria, a ba timeletsa ka polelo eo Jehova a e boleletseng Elia.
18. Yaba Jehu o bokella setjhaba sohle, a re ho sona: Akabe o sebeleditse Baale hanyenyane, Jehu yena o tla mo sebeletsa haholo.
19. Mme jwale, mpiletseng baporofeta bohle ba Baale, le bahlanka ba hae bohle, le baprista ba hae bohle, ho se ke ha hlokeha leha a le mong; hobane ke rata ho etsetsa Baale sehlabelo se seholo. Mang le mang ya ka hlokehang a ke ke a phela. Athe Jehu o ne a etsa ka mano, hore a tle a timetse bohle ba sebeletsang Baale.
20. Jehu a ntoo re: Le tumise hobane mokete wa Baale o tla ba teng. Mme ba o tumisa.
21. Jehu a romela kahohle Iseraeleng, mme bohle ba sebeletsang Baale ba tla, ho se ke ha sala leha a le mong ya sa tlang. Ba kena ka tlung ya Baale, mme ntlo ya Baale ya tlala ho tloha monyako ho fihlela motsheo.