2 Marena 10:25-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Ha ba qetile ho hlahisa ditjheso, Jehu a re ho dititimi le ho matona: Kenang, le ba bolaye; ho se ke ha tswa leha a le mong. Ba ba bolaya bohle ka lerumo. Dititimi le matona ba ntoo ba lahlela kantle, mme ba kena le motseng wa ntlo ya Baale.

26. Ba ntsha diemahale tse ka tlung ya Baale, ba di tjhesa.

27. Ba bolaya le seemahale sa Baale, ba qhaqha ntlo ya Baale, ba e etsa mohlaba le kajeno.

28. Jehu a timeletsa Baale jwalo Iseraeleng.

29. Leha ho le jwalo, haele dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, Jehu ha a ka a di kgeloha, e le manamane a kgauta a Bethele le Dane.

30. Jehova a ntoo re ho Jehu: Erekaha o phethile hantle tse leng ntle mahlong a ka, wa etsa ka ntlo ya Akabe ka tsohle tse neng di le pelong ya ka, bara ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.

31. Empa Jehu ha a ka a tiisa ho tsamaya molaong wa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, a se ke a kgeloha dibe tseo Jeroboame a sebisitseng Iseraele ka tsona.

2 Marena 10