2 Marena 10:20-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Jehu a ntoo re: Le tumise hobane mokete wa Baale o tla ba teng. Mme ba o tumisa.

21. Jehu a romela kahohle Iseraeleng, mme bohle ba sebeletsang Baale ba tla, ho se ke ha sala leha a le mong ya sa tlang. Ba kena ka tlung ya Baale, mme ntlo ya Baale ya tlala ho tloha monyako ho fihlela motsheo.

22. A re ho molebedi wa diaparo: Ntshetsa bohle ba sebeletsang Baale diaparo. A ba ntshetsa diaparo.

2 Marena 10