1. Eitse hobane Akabe a timele, Bamoabe ba fetohela Baiseraele.
2. Haele Akasia, a wela ka lesoba la fensetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a kula ke hona; yaba o roma manqosa, a re ho wona: Eyang, le botse Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, le o botse hore na ke tla fola lefung lena na?
3. Empa lengeloi la Jehova la re ho Elia wa Thishba: Tloha, o ye ho kgahlanyetsa manqosa a morena wa Samaria, o re ho wona: Na ke ho re: ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo le ya botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone na?
4. Ka baka lena, Jehova o re: O ke ke wa theoha malaong ao o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri. Yaba Elia o a ya.
5. Manqosa, ha a kgutla, morena a re ho wona: Le kgutletseng kapele na?
6. A re ho yena: Monna e mong o tlile, a re kgahlanyetsa, a re ho rona: Boelang ho morena ya le romileng, le re ho yena: Jehova o re: Na ke ho re, ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo o rometse ho botsa Baale-Sebube modimo wa Ekrone na? Ka baka lena, o ke ke wa theoha malaong ao o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri.
7. A re: E be e le monna ya jwang, ya tlileng a le kgahlanyetsa, a le bolella taba tseo na?
8. Ba re ho yena: E ne e le monna ya apereng boya, ya itlamileng letheka ka leqhama la letlalo. Yena a re: Ke Elia wa Thishba.
9. Yaba morena o romela ho Elia molaodi wa banna ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano. A tla ho yena, a mmona a dutse hodima thaba, a re ho yena: Monna wa Modimo, morena o re, o theohe.