2 Johanne 1:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Nna, moholo, ke ngolla mofumahadi wa mokgethwa le bana ba hae, bao ke ba ratang nneteng — mme hase nna feela, empa ba ratwa le ke bohle ba tsebileng nnete —

2. ka baka la nnete e dutseng ho rona, mme e ya nne e be ho rona ka ho sa feleng, ke re:

3. Mohau, lereko, le kgotso, di be ho lona, le di fuwa ke Modimo Ntate le ke Morena Jesu Kreste, Mora wa Ntate, nneteng le leratong.

2 Johanne 1