7. Haele bohle ba neng ba setse ba Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, bao e neng e se Baiseraele;
8. e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha hara bona ba sebetsang ka mokgwa wa bahlanka; le kajeno ke bona.
9. Salomone a mpa a se ke a etsa le a mong wa bana ba Iseraele mofo ho sebetsa mosebetsi wa hae; bona ya eba bahlabani, le balaodi ba bahlabani ba hae, le balaodi ba makoloi a hae le bakalli ba hae.
10. Haele dihlooho tsa bahlahlobi ba Salomone, e ne e le banna ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba beilweng babusi ba setjhaba.
11. Yaba Salomone o lata moradi wa Faro motseng wa Davida, a mo tlisa tlung eo a mo hahetseng yona, a re: Mosadi wa ka a ke ke a dula tlung ya Davida, morena wa Iseraele, hobane dinqalo tseo areka ya Jehova e keneng ho tsona, di halalehile.
12. Salomone a ntoo hlabela Jehova ditjheso aletareng ya Jehova e hahilweng pela mathule;
13. ka tsatsi le leng le le leng a nna a hlabela ho yona tse laetsweng ke Moshe, tsa Disabatha, le tsa kgwedi tse thwasang, le tsa mekete e beilweng, hararo ka selemo, e leng mokete wa Mahobe a se nang ditomoso, le mokete wa Diveke, le mokete wa Metlotlwane.
14. A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.
15. Ha ho a ka ha eba taba, kapa bakeng sa matlotlo, eo ho kileng ha kgelohuwa ho yona taelo eo morena a neng a e laetse baprista le Balevi.
16. Mosebetsi wohle wa Salomone wa phetheha jwalo, ho qala mohla ho thewang ntlo ya Jehova, ho fihlela e ba e phetheha. Ntlo ya Jehova ya phetheha kahohle.
17. Yaba Salomone o ya Etsione-Gebere le Elothe, lebopong la Lewatle le Lefubedu, naheng ya Edomo.
18. Hurame a mo romela dikepe ka bahlanka ba hae, le bahlanka ba tsebang lewatle; ba ya Ofire ba ena le bahlanka ba Salomone, teng ba lata kgauta e ditalenta tse makgolo a mane a mashome a mahlano, ba di tlisetsa morena Salomone.