6. ke mpa ke kgethile Jerusalema hore lebitso la ka le be hona teng, mme ke kgethile Davida hore e be morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
7. E ne e le kgopolo ya ntate Davida ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo;
8. Jehova a mpa a re ho ntate Davida: Kgopolo eo ya hao, ya ho hahela lebitso la ka ntlo, o fela o hopotse hantle;
9. leha ho le jwalo, hase wena o tla haha ntlo; empa mora hao ya tla tswa lethekeng la hao, ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo.
10. Jehova o hlahisitse seo molomo wa hae o se boletseng; hobane ke eme tulong tsa ntate Davida, ke bile ke dutse teroneng ya Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse; ke bile ke hahetse lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo;
11. ke beile areka teng, moo selekane sa Jehova se leng teng, seo a neng a se tlabole le bana ba Iseraele.
12. Yaba Salomone o ema pela aletare ya Jehova, pontsheng ho phutheho yohle ya Iseraele, a emisa matsoho a hae.
13. Hobane Salomone o ne a entse setulo sa koporo, se bolelele ba ditswe tse hlano, le bophara ba ditswe tse hlano, le bophahamo ba ditswe tse tharo, a se beile hara lebala; a ema teng, a ntoo kgumama pontsheng ya phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae nqa mahodimong,
14. a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo o kang wena, leha e le mahodimong, leha e le lefatsheng, o tiisang selekane le mohau ho bahlanka ba hao ba tsamayang pela hao ka pelo tsohle tsa bona!
15. O tiiseditse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o neng o mmaletse sona; o buile le ka molomo wa hao, o phethile polelo ya hao ka letsoho la hao, jwalokaha ho le kajeno.
16. Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, wa re ho yena: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona ho tsamaya molaong wa ka, jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.