34. Ha setjhaba sa hao se futuhela dira tsa sona, se ya ka tsela eo o tla se roma ka yona, mme se rapela, se tadimile nqa motseng ona oo o o kgethileng, le nqa tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao,
35. o mamele thapelo ya sona le kopo ya sona, o le mahodimong, mme o se emele nyeweng ya sona.
36. Mohla ba o sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, ha o ba halefetse, o bile o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong naheng ya dira kapa e leng e hole, kapa e leng e haufi;
37. ha ba ka ikgopola, ba le naheng ya moo ba isitsweng kgolehong, mme ba sokolohela ho wena, ba o rapela, ba le naheng ya kgoleho, ba re: Re o sitetswe, re entse hampe, re sebile;
38. ha ba ka sokolohela ho wena ka pelo yohle le ka moya wohle, ba le naheng ya dira tse ba isitseng kgolehong, mme ba o rapela, ba tadimile nqa lefatsheng la bona leo o neng o le neile bontata bona, le nqa motseng ona oo o o kgethileng, le nqa tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao,
39. o mamele thapelo ya bona le kopo ya bona, o le mahodimong, tulong tsa hao, o ba emele nyeweng ya bona, mme u tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng.
40. Jwale, Modimo wa ka, mahlo a hao a ele sedi, mme ditsebe tsa hao di hlwaolohele thapelo e bewang nqalong ena!
41. Mme jwale, ema, Jehova Modimo! Tloo tulong tsa phomolo ya hao, e le wena le areka ya boholo ba hao! Jehova Modimo, baprista ba hao ba ke ba apeswe poloko, mme ba o ratang bohle ba thabele molemo wa hao.
42. Jehova Modimo, o se ke wa furalla motlotsuwa wa hao; o elellwe mehauhelo e neilweng mohlanka wa hao Davida!