2 Dikronike 6:3-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Yaba morena o a reteleha, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele, phutheho yohle ya Iseraele, e ntse e eme ka maoto;

4. a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya buileng ka molomo wa hae ho ntate Davida, ya phethileng polelo ya hae ka letsoho la hae, jwalokaha a ne a itse.

5. Esale ha ke ntsha setjhaba sa ka naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; mme ha ke a ka ka kgetha motho e mong hore e be modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele;

6. ke mpa ke kgethile Jerusalema hore lebitso la ka le be hona teng, mme ke kgethile Davida hore e be morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.

7. E ne e le kgopolo ya ntate Davida ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo;

8. Jehova a mpa a re ho ntate Davida: Kgopolo eo ya hao, ya ho hahela lebitso la ka ntlo, o fela o hopotse hantle;

9. leha ho le jwalo, hase wena o tla haha ntlo; empa mora hao ya tla tswa lethekeng la hao, ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo.

10. Jehova o hlahisitse seo molomo wa hae o se boletseng; hobane ke eme tulong tsa ntate Davida, ke bile ke dutse teroneng ya Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse; ke bile ke hahetse lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo;

11. ke beile areka teng, moo selekane sa Jehova se leng teng, seo a neng a se tlabole le bana ba Iseraele.

12. Yaba Salomone o ema pela aletare ya Jehova, pontsheng ho phutheho yohle ya Iseraele, a emisa matsoho a hae.

13. Hobane Salomone o ne a entse setulo sa koporo, se bolelele ba ditswe tse hlano, le bophara ba ditswe tse hlano, le bophahamo ba ditswe tse tharo, a se beile hara lebala; a ema teng, a ntoo kgumama pontsheng ya phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae nqa mahodimong,

2 Dikronike 6